
Di’Proteas diqala dipapadi tsa diteko ka leoto lesele
Sehlopha sa naha papading ya krikete sa banna, se lahlehetswe ke papadi ya pele ya tekong ya ho tshireletsa mohopeng wa bona wa diteko (Test Mace) kgahlano le naha ya Pakistan.
Di’Proteas, dihlotswe ka mematho e 93 ka mora ho hlolwa ke ho lelekisa mokolokotwane e neng e beuwe ke baamohedi ba baeti papading ya pele ya tse pedi tsa diteko.
Pakistan e hapile lotho le ho kgetha ho otla pele mme ba beha mokolokotwane wa 378 makenong a bona a pele.
Afrika Boroa ha e arabela, e kgonne fela ho etsa 269 dibapadi ditswile kaofela le ho kgutlisetsa Pakistan kgabong.
Makenong a bobedi Afrika Boroa e kentse Pakistan tlasa kgatello le ho ketola dibapadi kaofela ba entse mematho e 167.
Tekong ya bona ya ho lelekisa le ho hapa papadi, Afrika Boroa e felletse ho 183 dibapadi ditswile kaofela le ho lahlehelwa ke papadi ya pele dipapading tse leshome le motso (11).
Le ha Afrika Boroa e lahlehetswe, sebapadi sa bona Senuran Muthusamy o tla hopola papadi eo ka mora ho ketola dibala tse 11.
Senuran o ketotse dibapadi tse tsheletseng le tse hlano makenong a pele le a bobedi (x2 fifer).
Sebapadi se seng se bapetseng hantle ke ha sehlopha se lahlehetswe ke Tony de Zorzi ya entseng lekgolo (107 makenong a pele a papadi.
Papadi e latelang ya teko e tla bapala ka la 20 Mphalane lebaleng la Rawalpindi, Pakistan mme yona e tla thakgoha ka 07:00 hoseng ka nako ya Afrika Boroa.
BALA HAPE: Afrika Boroa e lelekisa papadi letsatsing la bobedi
