Dipapadi tse ding

Springboks di tswelapele ho itukisa

Boitukiso ke bo matla sehlopheng sa naha sa di’Springboks jwalo ka ha ba itukisetsa papadi ya bobedi kgahlano le Australia.

Papading ya pele Australia e hlotse Afrika Boroa ka 38 – 22, papading e bapalletseng lebaleng la Ellis Park e bile e le papadi e bulang ya ‘The Rugby Championship’.

Afrika Boroa e tla batla ho boya sekwele ka mora ho tlontlolwa ka pele batshehetse ba bona le ha batla bapala ntle ho mokaptene Siya Kolisi.

Kolisi le Kurt-Lee Arendse ka ba lokollotswe sehlopheng ka mora hotswa dikotsi ka moqebelo mme sebapadi Makazole Mapimpi o bitseditswe sehlopheng le ha a ke ke a qala le papadi.

Sebapadi Ruan Nortje ya tlo qala le papadi ka moqebelo, o hlalositse ha batseba seo ba lokelang ho se etsa ho hlola.

“Re ya tseba rena le bokgoni bo fetang boo re bo bontshitseng Johannesburg mme ho tloba bohlokwa ho dula meralong ya sehlopha le hoba matla,” ho realo Nortje.

Sacha Feinberg-Mngomezulu le yena thatiseleditse mantswe a buweng ke Nortje.

“Ho bile le phoso eo re e yetseng ke ka hoo re hlotsweng. Empa re reithutile phosong eo mme ntse re sebetsa le ho e lokisa le ho hapa ka moqebelo,” ho realo Feinberg-Mngomezulu.

Afrika Boroa e na le rekoto e ntle Cape Town ha e bapala kgahlano le Australia, empa seo hase lebaka hobane Australia e tla batla ho itshupa le ho etsa ya bona nalane.

Papadi ena etla bapala ka moqebelo lebaleng la DHL mme yona etla thakgoha ka 17:10 ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA HAPE: ox-nche-o-re-ba-lokela-ho-boya-sekwele