Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Williams ka Broos: O tshwanelwa ke seemahale

Mokaptene wa Bafana Bafana Ronwen Williams, o hlalositse ha mokwetlisi wa sehlopha Hugo Broos a lokela ho fumana tlotla e kgolo ho latela mosebetsi wa hae.

Williams o buile sena ka mora hore Broos a tataise sehlopha ho leba mokgahlelong o latelang wa mohope wa lefatshe e leng se qalang ho etsahala ka Bafana Bafana.

“O tshwanelwa ke tlotla e hodimo ka ho fitisisa eo motho a ka e fumanang ho latela mesebetsi ya hae ho tlola ka letsatsi la pele,” ho realo Williams.

“Ka nako tse ding re hloka tshepo ya ho hlola empa o dula a na le tumelo le hore jwetsa hore reka kgona ho hapa.”

Williams o hlalositse ha Broos ha e le mokgothatsi wa bona ka nako eo ba nyenyefatswang le tumelo e fokola ho bona.

“Jwalo ka ha katleho ena e le ya naha ya batho ba 62 million, e boetse ke ya mokwetlisi ho latela mesebetsi ya hae kaofela sehlopheng.”

Afrika Boroa e tla itukisetsa papadi e matla kgahlano le naha ya Canada e tla bapala ka sontaha.

E bang sehlopha seka hapa papadi eo, setla kopana le naha e tla hapa dipakeng tsa Morocco le Netherlands.

BALA: FIFA e qhelela ka thoko kopo ya Afrika Boroa