
Hunt o kgotsofatswa ke tshebetso ya setlabotjha sehlopheng
Mokwetlisi wa Stellenbosch FC Gavin Hunt, o bontshitse ho kgotsofalla tshebetso ya setlabotjha sa sehlopha Njabulo Blom.
Blom o bapetse papadi kaofela ka nako eo Stellenbosch se neng se etetse Kaizer Chiefs lebaleng la FNB ka labobedi thapama papading e fedileng ka maleka a 1 – 1.
Sebapadi sena, se lebile ho Stellenbosch ka kadimo hotswa sehlopheng sa Indonesia sa Borneo FC.
Hunt, o hlalositse ha Blom ana le nako e lelele a sa bapale e leng setla fetoha haufinyana.
BALA: Sundowns e amohela mokwetlisi wa Richards Bay ka thupa
“Ke sebeditse le Blom ho Chiefs moo ke mosebedisitseng e le Central midfield ho tloha ho full-back mme o ne a sebetsa hantle,” ho realo Hunt.
O ntse a sa bapala ka nako e lelele empa wa bonahala hore o matla. O na le bokgoni ba mmapala hare [midfielder] e leng seo re se hlokang. Ke ya tseba hore o tla ba hantle.”
Ka nako ya Hunt ho Chiefs, Blom o ne a bapala karolo e kgolo sehlopheng moo a neng a bapala morao le leboteng la mpeng ya lebala pele a leba America.
