
Maphaka o hulwa sehlopheng matsatsi pele ho papadi
Sebapadi sa naha papading ya krikete Kwena Maphaka, wa hulwa sehlopheng se ntseng se itukisetsa papadi kgahlano le naha ya Namibia ka moqebelo.
Lekejakejane lena le akgela, o hulwa sehlopheng ka lebaka la kotsi eo a e fumaneng ka nako eo a ntseng a bapalla sehlopha sa hae sa DP World Lions dibapading tsa matsatsi a mane.
Maphaka o hlotswe ke dingaka mme tsa hlalosa ha a tla lokela ho dula kantle nako ya beke tse tharo ho isa ho tse nne a oka kotsi.
Sena se hlalosa hore sebapadi sena setla fetwa ke papadi ya ka moqebelo le letoto la dipapadi kgahlano le Pakistan tse tla qala mafelong a kgwedi e hodimo.
Di’Proteas, ditla qala ka papadi ya T20 kgahlano le Namibia ka moqebelo pele baka nka leeto ho leba Pakistan.
Sehlopha setla nka ntho e etsang kgwedi le sekgeshana ka ha batla bapala mefuta e meraro ya dipapadi le naha eo.
Papadi ya moqebelo e tla bapala lebaleng la Namibia Cricket Ground ka hora ya bobedi (14:00) ka nako ya Afrika Boroa.
BALA HAPE: Sebapadi Tazmin Brits o etsa nalane
