
Cardoso o ikana ho lwana ya kgumamela dipapading tse tlang
Ka mora ho bapala maleka le Richards Bay, mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalostse ha moralo wa bona o sa fetolwa ke ditlamorao tsa papadi eo ba fitileng ho yona.
Sundowns e bapatse maleka lekgetlo la bobedi ka tatellano lebellong la ho hapa sehla mme ba lahlehetswe ke dintlha tse nne le ho bokeletsa tse pedi fela.
Ha a bua ma mora papadi, Cardoso o hlalositse ha sehlopha se lokela ho hapa dipapadi tse hlano tse setseng.
“Dipapadi tse hlano, ditlholo tse hlano, ke seo re sehlokang ho se etsa,” ho realo Cardoso.
BALA HAPE: Baroka e rengwa ke selepe se lebisang ho ABC Motsepe League
Sundowns e dutse boemong ba bobedi ka mora dipapadi tse 25 mme ba bokeleditse dintlha tse 58.
Sundowns League stats:
25 Matches
17 Wins
7 Draws
1 Defeat
Sehlopha se morao ka ntlha ho sehlopha se dutseng boemong ba pele mme ba morao le ka papadi.
Cardoso, o hlalositse ha hole matsohong a bona ho bona hore ba hapa dipapadi tseo kaofela le ho hlola lebelo la bona le Pirates.
“Rena le maemo ohle hore reka hapap dipapadi tsa rona tse setseng. Re hloka fela ho etsa seo re lokelang hose etsa.”
Sehlopha setla tobana le Polokwane City dipapading tse pedi pele ba thulana le Kaizer Chiefs.
Sundowns next 5 matches:
Polokwane City vs Sundowns
📅 29 April 2026 (Away)
Sundowns vs Polokwane City
📅 3 May 2026 (Home)
Sundowns vs Kaizer Chiefs
📅 6 May 2026 (Home)
Sundowns vs Siwelele FC
📅 9 May 2026 (Home)
TS Galaxy vs Sundowns
📅 16 May 2026 (Away)
BALA HAPE: Richards Bay e tswelapele ho fetola Umhlathuze kgohlo e lefifi
