
Zungu o hlalosa mabaka a ho iketela bo’presidente ba SAFA
Modulasetulo wa sehlopha sa AmaZulu Sandile Zungu, o tsibisitse mabaka a ho iketela bo’presidente ba SAFA.
Zungu, ke e mong wa batho ba iketela boemo bona ho phepetsa mopresidente wa jwale wa mokgatlo Danny Jordaan ya dilemo a kokometse se maratswana.
Zungu, o hlalositse ha ho hlokahala motho ya nang le tsebo ya tsamaiso ya kgwebo le lerato la bolo ho ntshetsa bolo pele ka hara Afrika Boroa.
“Hona le dikgeo tse ngata papading ya rona ya bolo, dikolo tsa rona dihloka bolo, ho hlokahala botsetedi le tsamaiso e ntle hore batsetedi ba be teng,” ho realo Zungu.
Zungu o bontshitse ha ho nka maikarabelo, ho bitsetsa bohle ba hlokahalang ho tlisa diphetoho papading e le ntho e bohlokwa.
“Ho hlokahala motho ya tla nka maikarabelo le ho etsa bonnete ba hore mabatowa a SAFA a kolotwang a fumana disebediswa.”
Rakgwebo enwa wa KwaZulu-Natal o bontshitse ha hona le dikarolo tse ngata tsa SAFA tse hlokang diphetoho mme o dumela ha ana le bokgoni ba ho tlisa diphetoho.
BALA: Hossam Hassan o lla ka tshekamelo ya baletsaphala le VAR
