
Sebapadi sa Sundowns se latola ditlaleho tsa kgatello
Sebapadi sa bohareng ba lebala sehlopha sa Mamelodi Sundowns Marcelo Allende, o latotse ditlaleho tsa hore sehlopha se tlasa kgatello.
Mantswe a Allende atla ka mora hore sehlopha se hlole Polokwane City ka 1 – 0 le ho nka maemo a bona a pele tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership.
“Kgatello, hake bone kgatello, sehlopha se kgutletse maemong a pele moo se hlokang ho ba teng. Moo Sundowns e tshwanelwa ke ho dula teng,” ho realo Allende.
Letswalla lena la Chile, ke yena ya hlabetseng Sundowns ntlha ya tlholo kgahlano le Polokwane a boela a hapa kgau ya sebapadi sa letsatsi papading eo.
BALA HAPE: Seema o sebedisa makejakejane a DDC ho hlola Chiefs
Allende o hlalositse ha a thabetse tshebetso ya sehlopha le hore ba kgonne ho bokeletsa dintlha tse tharo.
“Ke thabetse hore re fumane dintlha tse tharo. Ke mosebetse oo re lokelang ho o phetha lebaleng le fe kapa le fe jwalo ka ha re dula re lelekisa dintlha tse tharo.”
Sundowns e tla thulana le Polokwane City hape mafelong a beke ka sontaha, le ha lekgetlong lena City e tla etela bona lebaleng la Loftus.
Ka laboraro sehlopha setla nkana le Kaizer Chiefs e maqeba ka mora ho hlolwa ke Siwelele bekeng e felang.
BALA HAPE: Doctor Khumalo o fumana tlotla ho tswa ho Tshwane University of Technology
