
Ouaddou o makatswa ke keteko ya Chiefs le mmapalo wa bona
Ka mora ho bapala maleka a 1 – 1 le Kaizer Chiefs ka sontaha, mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o makaditswe ke tsela eo tse ding tsa dibapadi tsa Chiefs diketikileng ho bapala maleka ka teng.
Ke bone dibapadi tsa Chiefs didula dile fatshe ho bontsha ho kgotsofalla ho bapala maleka,” ho realo Ouaddou.
“Ke nahana ba lokela ho swaba hobane le bona ba lahlahetswe ke dintlha tse pedi ke ka hoo ke nahanang hore ba lokela ho utlwa ka tsela eo re ikutlwang ka yona.”
BALA HAPE: Baroka e rengwa ke selepe se lebisang ho ABC Motsepe League
Chiefs e dutse boemong ba boraro ha Pirates e dutse boemong ba pele mme sekgeo sa dintlha dipakeng tsa dihlopha tsena ke dintlha tse 12.
Ouaddou, ha makatswa ke keteko ya Chiefs fela empa le tsela eo sehlopha sr bapetseng ka yona eo a e bitsang ‘karate’.
“Ke nahana batshehetsi ba Afrika Boroa ba tshwanelwa ke papadi e monate mme re lokela ho tshireletsa dibapadi tse batlang ho bapala bolo.”
“Ntho eo ke e boneng papadi hake tsebe ke e bitse papadi ya bolo kapa karate.”
Dibapadi tsa rona tse tharo Rele [Relebohile Mofokeng], Appollis [Oswin Appollis] le Moremi [Tshepang Moremi] dine dibapalwa hampe ka sepheo le morero.”
BALA HAPE: Chiefs e ngangana le Pirates ka ntlha ntweng ya Soweto
